Access to Information Manual (Sesotho)


August 2012/13

Access PDF version [PDF] 138 kb

Bukana go ya ka karolo 14 ya Molao wa Tlhatloso ya Phitlhelelo ya Tshedimosetso (PAIA) ya 2000 (Molao 2 wa 2000)

 


1. Selelekela

Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tlhahisoleseding wa 2000 o hlakisa hore mokgatlo ka mong o tlamehile ho thonya Ofisiri ya Tlhahisoleseding le Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding kapa Batlatsi ba Ofisiri ya Tlhahisoleseding ba tla ikarabella bakeng sa ho sebetsana le dikopo bakeng sa ho fihlella Tlhahisoleseding le ho thusa baikopedi ho tlisa dikopo tsa bona.

Bukanatataiso ena e hlophisitswe jwaloka tataiso hore na ditho tsa setjhaba di ka fihlella tlhahisoleseding jwang tse tshwerweng ke ba Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS). E hlalosa hore na ke tlhahisoleseding efe e fumanehang ho hlaha lefapheng mme e hlalosa hape hore na tlhahisoleseding eo e ka fihlellwa jwang. Bukanatataiso ena e thusa ho kenya tshebetsong tokelo ya ho fihlella tlhahisoleseding e hlakisitsweng Molaong wa Motheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa 1996.

Ntle ho direkoto, tseo hape di bitswang difaele, bukanatatiso ena e boela e jere dintlha ka botlalo tsa Ofisiri ya Tlhahisoleseding hammoho le Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding wa GCIS.

2. Boikarabelo ba GCIS

Boikarabelo bo boholo ba GCIS ke ho fana ka boetapele ba lewa dikgokahanong tsa mmuso le ho hokahanya ditsamaiso tsa dikgokahano tsa mmuso tse etsang bonnete ba hore setjhaba se fumana tlhahisoleseding ka maano, meralo le mananeo a mmuso.

Tjhebelopele: setsi sa dikgokahano tse kgabane mmusong.

Sepheo: Ho fana ka ditshebeletso tsa seporofeshenale, ho thea le ho susumetsa boikamahanyo le maemo bakeng sa tsamaiso ya kgokahanyo ya mmuso e sebetsang le ho kganna melaetsa ya mmuso e hokahaneng le ho nka sepheo sa ho buisana le batho ka maano, meralo, mananeo le dikatleho tsa mmuso.

2.1 Mekga ya GCIS

GCIS e bopilwe ka tsela e tla atleha ho fihlella boikarabelo ba yona jwaloka ha ho hlakisitswe ka hodimo. E bopilwe ka dikarolo tse 15 kapa bolaodi bo ka sehloohong:

2.1.1    Dihlahiswa le Mekgwatsamaiso
2.1.2    Dithekiso le Phatlalatso
2.1.3    Leano le Diphuphutso
2.1.4    Ditshebeletso tsa Ditjhelete, tsa Tsamaiso ya Phano ya Ditshebeletso hammoho le tsa Tlatsetso
2.1.5    Dithuso tsa Basebeletsi
2.1.6    Tsamaiso ya Tlhahisoleseding le Thekenoloji
2.1.7    Taolo ya Thepa le Disebediswa
2.1.8    Moralo wa Lewa le Tsamaiso ya Mananeo
2.1.9    Thupello le Ntshetsopele
2.1.10    Bohlokomedi ba Lekala: Mokga wa Ikonomi le Khiro; Ntshetsopele ya Moralo wa Motheo; Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso; Tshebedisanommoho Matjhabeng, Kgwebo le Tshireletso
2.1.11    Bohlokomedi ba Lekala: Ntshetsopele ya Batho; Tshireletso ya Setjhaba le Ntshetsopele ya Setjhaba; Puso le Tsamaiso
2.1.12    Bohokahanyi ba Porofense le ba Lehae
2.1.13    Dikamano le Boraditaba
2.1.14    Dipapatso le Ditheko tsa mehlodi ya boraditaba
2.1.15    Bohlakisi ba ka hare

2.2 TLHALOSO KA BOTLALO YA MESEBETSI

2.2.1    LEKALA: TSHEBETSO LE KABO

Lekala la Tshebetso le Kabo le hokahanya ntlha ya ho bopa le ho kenya tshebetsong Lewa la Naha la Dikgokahano.

Mesebetsi ya lekala lena ke ho:
•    le tsamaisa dihlahlobo tsa hore na mmuso o ka fihlella ditlhoko tsa tlhahisoleseding le setjhaba jwang
•    ho beha leihlo kamoo boraditaba ba behang ka mananeo a mmuso ka teng lehlakoreng la dikgokahanyo
•    ho thusa ka tataiso ya lewa ha ho hlahlobuwa le ho sekaseka boraditaba ba dikoranta le ba eleketeroniki ho ba le seabo dikgokahanong tsa mmuso tsa seporofeshenale ebile tse etsahalang ka nako e tshwanetseng
•    ho bopa dihlahiswa/dipolatefomo tsa kgokahano hammoho le dikahare tsa teng
•    ho reka nako ya ho bapatsa le/kapa sebaka se hlokehang bakeng sa matsholo a mmuso a dipapatso a atlehileng
•    ho bebofatsa le ho thusa ka dikgokahano tsa thupello le ntshetsopele ya bokgoni ba bahokahanyi ba mmuso.

Lekala le bopilwe ka bolaodi bo ka sehloohong bo latelang:
•    Dihlahiswa le Mekgwatsamaiso
•    Leano le Diphuphutso
•    Dithekiso le Phatlalatso

A    Dihlahiswa le Mekgwatsamaiso le ikarabella bakeng sa dipolatefomo tse batalletseng tsa dikgokahano tse bopliweng le ho laolwa ke GCIS. Dipolatefomo tsena ke karolo ya boitelo ba rona ho boloka maAforika Borwa le bankakarolo ba dibakeng tse ding ba na le tlhahisoleseding ka maano le diketsahalo tsa mmuso hammoho le menyetla e hlahiswang ke mananeo ana bakeng sa baahi, dikgwebo le balekane ba bang.

B    Leano le Diphuphutso le tsamaisa dihlahlobo tsa hore na mmuso o ka fihlella ditlhoko tsa tlhahisoleseding le setjhaba jwang le ho beha leihlo kamoo boraditaba ba behang ka mananeo a mmuso ka teng lehlakoreng la dikgokahanyo.

C    Dithekiso le Phatlalatso le etsa bonnete ba hore GCIS e na le mawa a phethahetseng a dithekiso le phatlalatso bakeng sa dihlahiswa le dipolatefomo tsohle tsa yona.

2.2.2    LEKALA: TLHOPHISO YA DIKAMANO TSA MEBUSO LE BOLAODI BA BANKAKAROLOI

Lekala la Tlhophiso ya Dikamano tsa Mebuso le Bolaodi ba Bankakarolo le thusa ka boetapele le dikeletso tsa lewa ditsamaisong tsa dikgokahanyo tsa mmuso wa porofense le wa lehae. Sepheo sa lona ke ho matlafatsa tsamaiso ya dikgokahano tsa mmuso le ho kenya tshebetsong ntshetsopeIe ya dikgokahano ka ho sebedisa dikgokahano tse sa sitiseheng ha bonolo ka ho sebedisa dikamano tse tshwanetseng hammoho le dilekane; hape le ho etsa bonnete ba hore setjhaba se fumana tlhahisoleseding ka maano le mananeo a mmuso a ho ntlafatsa maphelo a bona.

Mesebetsi ya lekala lena ke ho:
•    ho fana ka boetapele ba lewa dikgokahanong tsa mmuso
•    ho matlafatsa le ho laola tsamaiso ya dikgokahano tse batalletseng mmusong bakeng sa tshebetso e phethahetseng le ho tsepamisa tsamaiso ka tshwanelo.
•    ho bopa dilekane le bankakarolo ba lewa ka sepheo sa ho ntshetsapele tjhebelopele ya GCIS

Lekala le bopilwe ka bolaodi bo ka sehloohong bo latelang:
•    Bohokahanyi ba Porofense le ba Lehae
•    Dikamano le Boraditaba
•    Bohlokomedi ba Lekala: Mokga wa Ikonomi le Khiro; Ntshetsopele ya Moralo wa Motheo; Toka; Ho Thibela Botlokotsebe le Tshireletso; Tshebedisanommoho Matjhabeng, Kgwebo le Tshireletso
•    Bohlokomedi ba Lekala: Lekala la Ntshetsopele ya Batho; Tshireletso ya Setjhaba le Ntshetsopele ya Setjhaba; Puso le Tsamaiso

A    Bohokahanyi ba Porofense le ba Lehae (P&LL) bo thusa ka boetapele ba lewa ka ho kgothaletsa tshebedisanommoho dikgokahanong tsa mmuso wa naha le mananeo a dikgokahano a diporofense. Bolaodi bo ka Sehloohong bo tsamaisa diofisi tse robong tsa diporofense hammoho le bolaodi ba ofisi ya naha.

B    Dikamano le Boraditaba bo etella pele le ho kganna tshebedisanommoho le dikgokahano mahareng a mmuso le boraditaba. Ntlha ya bohlokwa boikarabelong ba yona ke ntshetsopele le pebofatso ya kutlwisisano le boraditaba ntlheng ya lenanetaba la mmuso ho kgothaletsa tikoloho e kgothaletsang phehiso ya boahisini bo phethahetseng ebile bo sebetsang hantle; bo bontshang tlhahisoleseding e keneletseng, bo nang le tsebo, bo rutehileng ho tsa dipolotiki ebile bo itshepang tabeng ya ho tsitlallela ditokelo tsa bona bakeng sa ho fumana ditshebeletso tse bontshang tekano.

C    Bohlokomedi ba Lekala: Mokga wa Ikonomi le Khiro; Ntshetsopele ya Moralo wa Motheo; Toka, Ho Thibela Botlokotsebe le Tshireletso; Tshebedisanommoho Matjhabeng, Kgwebo le Tshireletso le thusa ka lewa la dikeletso tsa lekala la dikgokahano le tshehetso mafapheng. Le thusa ka ho bopa meralo ya dikgokahano e hlahang Kabineteng. Makala a tswela pele ho fana ka polatefomo bakeng sa moralo wa kopanelo hammoho le ho thusa bahokahanyi ho kenya tshebetsong mananeo a mmuso ka kopanelo.

D    Bohlokomedi ba Lekala: Ntshetsopele ya Batho; Tshireletso ya Setjhaba le Ntshetsopele ya Setjhaba; Puso le Tsamaiso le thusa ka lewa la dikeletso tsa lekala la dikgokahano le tshehetso mafapheng. Le thusa ka ho bopa meralo ya dikgokahano e hlahang Kabineteng. Makala a tswela pele ho fana ka polatefomo bakeng sa moralo wa kopanelo hammoho le ho thusa bahokahanyi ho kenya tshebetsong mananeo a mmuso ka kopanelo.

2.2.3    LEKALA: DITSHEBELETSO TSA KGWEBO

Lekala la Ditshebeletso tsa Kgwebo le thusa ka tsamaiso ya ditshebeletso tsa tshehetso tseo ho fanwang ka tsona tsamaisong ya mola wa tshebetso neheletsanong.

Lekala le bopilwe ka bolaodi bo ka sehloohong bo latelang:
•    Ditshebeletso tsa Ditjhelete, Tsamaiso ya Phano ya Ditshebeletso hammoho le Ditshebeletso tsa Tlatsetso
•    Dithuso tsa Basebeletsi
•    Tsamaiso ya Tlhahisoleseding le Thekenoloji
•    Taolo ya Thepa le Disebediswa
•    Moralo wa Lewa le Tsamaiso ya Mananeo
•    Thupello le Ntshetsopele

A    Ditshebeletso tsa Ditjhelete, Tsamaiso ya Phano ya Ditshebeletso hammoho le tsa Tlatsetso di thusa ka boetapele ba lewa taolong ya ditjhelete hammoho le Tsamaiso ya Phano ya Ditshebeletso

B    Dithuso tsa Basebeletsi di thusa ka boetapele ba lewa ka ho kenya tshebetsong lewa la tsamaiso ya dithuso tsa basebeletsi la lefapha.

C    Tsamaiso ya Tlhahisoleseding le Thekenoloji e thusa ka tataiso ya lewa e amanang le tsamaiso ya tlhahisoleseding hammoho le thekenoloji ya GCIS.

D    Taolo ya Thepa le Disebediswa e ikarabella bakeng sa ho reka sebaka sa diofisi bakeng sa GCIS.

E    Moralo wa Lewa le Tsamaiso ya Mananeo o thusa ka ditshebeletso tsa lewa tsamaisong ya mokgatlo ho latela Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Setjhaba (PFMA) hammoho le melao e meng e tshwanetseng. Le boela le nka boikarabelo bakeng sa ho thusa ka tshebeletso ya seporofeshenale tsamaisong ya diporojeke ho matlafatsa tshebetso ha GCIS e ntse e ntshetsapele boikarebelo ba yona.

F    Thupello le Ntshetsopele le hlwaya ditlhoko tsa thupello le ntshetsopele bakeng sa bahokahanyi ba mmuso motheong wa lewa la dikgokahano la naha, maano a mmuso hammoho le maikemisetso a dikgokahano a mmuso ka kakaretso. Bolaodi bo ka Sehloohong bo boela bo ntshetsapele bokgoni ba ka hare hammoho le kgothaletso ya bophelo bo botle bakeng sa basebeletsi, ho tlisa tekano ya bong, tsamaiso e amanang le tsa boqhwala le mananeo a batjha.

2.2.4    LEKALA: BOEMEDI BA TSHEBELETSO YA DIKGOKAHANO

Lekala la Boemedi ba Tshebeletso ya Dikgokahano le thusa ka boemedi ba dithekiso le dipapatso tse phethahetseng tse fihlang ka nako bo bebofatsang phihlello le ditheko tse kgethilweng tsa ditshebeletso tsa dikgokahano boemong ba mmuso.

A    Dipapatso le Ditheko tsa mehlodi ya Boraditaba le thusa ka ho bokanya ditshebeletso tsa ditheko tsa mehlodi ya boraditaba hammoho le tlhahiso ya dipapatso tsa boraditaba bakeng sa mmuso ohle wa naha, ho etsa bonnete ba hore ho na le tshebedisanommoho, boikarabelo le dikgokahano tse bolokang tjhelete bakeng sa mananeo a mmuso.

2.2.5    BOLAODI BO KA SEHLOOHONG: BOHLAKISI BA KA HARE

A    Bohlakisi ba ka hare ke tiiseletso e ikemetseng ebile e bontshang sepheo se tsitsitseng le tshebetso ya ho iteanya le batho ho tlisa boleng le ho ntlafatsa ditshebetso tsa GCIS. E fuwe boikarabelo ba ho ntlafatsa taolo ya ditshenyehelo, taolo le ditsamaiso tsa puso.

2.3 Sebopeho sa tsamaiso sa GCIS

3. DINTLHA TSA KGOKAHANYO TSA OFISIRI YA TLHAHISOLESEDING

Ofisiri ya ka Sehloohong ya Phethahatso (CEO) ke Ofisiri ya Tlhahisoleseding ho latela PAIA, 2000. GCIS e na le Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding a le mong:

Ofisiri ya Tlhahisoleseding: Mofumahadi Phumla Williams

Aterese ya Poso:    Private Bag X745
            PRETORIA
            0001

Aterese ya Seterata:    1035 Francis Baard Street
            Tshedimosetso House
            Hatfield
            Pretoria
            0028

imeile:            phumla@gcis.gov.za

Mohala:        012 473-0236
Fekese:            012 325-3020
Selefounu:        083 501 0139

Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding: Monghadi Keitumetse Semakane

Mohala:        012 473–0128
Fekese:            012 326–7447
Selefounu:        079 696 1826
imeile:            keitu@gcis.gov.za

 

4. TATAISO HO KHOMISHENE YA DITOKELO TSA BOTHO YA AFORIKA BORWA (SAHRC) HORE NA MOLAO ONA WA PAIA O KA SEBEDISWA JWANG, PAIA, 2000 [KAROLO YA 14 (1) (C)]

SAHRC (eo mona e bitswang "Khomishene”), ho latela Karolo ya 10 ya PAIA, 2000, e tla hlophisa tataiso ya ho sebedisa Molao ona. Tataiso ena e tla fumanwa Khomisheneng. Dipotso dife kapa dife tse amanang le tataiso ena di lokela ho lebiswa Khomisheneng ho:

SAHRC
Private Bag X2700
Houghton
2041

Mohala:            011 877 3600
Fekese:                011 403 0625
imeile:                PAIA@sahrc.org.za
Webosaete:             www.sahrc.org.za

5.TLHALOSO YA DIKAROLO TSEO GCIS E DI TSHWERENG E LE DIREKOTO – KAROLO YA 14 (1) (D)

5.1    Ka sepheo sa ho bebofatsa kopo ho latela Molao, tlhaloso ya dikarolo tseo GCIS e di tshwereng e le direkoto hammoho le dihlopha tsa direkoto tse tshwerweng karolo ka nngwe e ka tsela e latelang:

A    Dihlahiswa le Mekgwatsamaiso
a)    dipehelo
b)    dimakazine
c)    tlhahisoleseding e fumanehang webosaeteng ya GCIS, webosaeteng ya Tlhahisoleseding ya mmuso, webosaeteng ya Vuk’uzenzele hammoho le webosaeteng ya Ditshebeletso tsa Mmuso
d)    leano le ditokomane tsa tataiso
e)    Buka ya Selemo ya Aforika Borwa hammoho le Bukanatataiso ho Aforika Borwa.

B    Dithekiso le Phatlalatso
a)    dipehelo
b)    boroutjhara ba dithekiso

C    Leano le Diphuphutso
a)    Dipehelo le disetatemente
b)    dintlha ka ho toba hammoho le ditshisinyo tsa diphuphutso
c)    disete tsa tlhahisoleseding, dipehelo le dinehelano
d)    Boemedi ba Ntshetsopele ya Boraditaba le Phapano e Batalletseng (MDDA) Molao, 2002 (Molao wa 14 wa 2002)
e)    Dibukana tsa tlhahisoleseding (Bukanatshupetso ka Mmuso wa Aforika Borwa, Bukanatshupetso ya Dikgokahanyo, Bukanatshupetso le Diporofaele ka Boraditaba le Diporofaele)
f)    Dipehelo tsa ditaba tsa matjhaba le tsa lehae tsa boraditaba
g)    Ditaba tse ngotsweng ka botlalo tsa boraditaba ba matjhaba hammoho le tsa ba lehae
h)    Dikahare tsa dikgokahano le melaetsa ya bohlokwa.

D    Ditshebeletso tsa Ditjhelete, Tsamaiso ya Phano ya Ditshebeletso hammoho le Ditshebeletso tsa Tlatsetso
a)    sesiu sa bafani ba ditshebeletso
b)    direkoto le disetatemente tsa ditjhelete
c)    maano le ditsamaiso
d)    dipehelo.

E    Dithuso tsa Basebeletsi
a)    maano, ditsamaiso le dibukanatataiso
b)    Dikoranta tsa ka hare
c)    Lewa la tsamaiso ya dithuso tsa basebeletsi
d)    lenane la dintlha tsa kgokahanyo le diofisiri mmusong.

F    Tsamaiso ya Tlhahisoleseding le Thekenoloji
a)    ditokomane tsa leano le tsa tataiso
b)    dibukanatataiso
c)    dipehelo.

G    Taolo ya Thepa le Disebediswa
a)    dipehelo.

H    Moralo wa Lewa le Tsamaiso ya Mananeo
a)    ditokomane tsa porojeke
b)    dipehelo
c)    Bukanatataiso ya Tsamaiso ya Porojeke
d)    Lenaneo la Dikgokahano tsa Mmuso
e)    ditokomane tsa lewa.

I    Thupello le Ntshetsopele
a)    dipehelo
b)    lewa ntshetsopeleng ya dithuso tsa basebeletsi.

J    Bohlokomedi ba Lekala
a)    mawa a dikgokahanyo
b)    melaetsa ya bohlokwa.

K    Bohokahanyi ba Porofense le ba Lehae
a)    dipehelo
b)    Mawa a Ditsha tsa Tshebeletso ya Thusong
c)    mawa a ntshetsopele le disebediswa tsa dikgokahanyo
d)    disebediswa le dithekiso tsa ho bapatsa
e)    Bukana ya Bahokahanyi ba Mmuso
f)    Sesiu sa bahokahanyi
g)    mawa a dikgokahanyo.

L    Dikamano le Boraditaba
a)    dikoranta
b)    mawa a dikgokahanyo
c)    mawa a boraditaba
d)    sesiu sa boraditaba.

M    Dipapatso le Ditheko tsa mehlodi ya boraditaba
a)    diphatlalatso (dikgatiso)
b)    bohasi ba dipapatso le mananeo
c)    diketsahalo tsa dithekiso le ho phatlalatsa
d)    dipehelo tsa ho reka nako ya boraditaba
e)    dipehelo
f)    Ditshwantsho tse hatisitsweng pampiring le tsa vidiyo.

N    Bohlakisi ba ka hare
a)    dipehelo.

5.2 DIREKOTO TSE FUMANEHANG HANGHANG – KAROLO YA 14 (1) (E)

Tlhahisoleseding e fumanehang webosaeteng ya GCIS, www.gcis.gov.za, e ntshitswe ka boithaopo. Dihlahiswa tse ding tsa tlhahisoleseding hammoho le disebediswa tse phatlaladitsweng ka boithaopo di kenyeletsa:
•    dipehelo
•    dibukana
•    dikoranta
•    disebediswa tsa dithekiso
•    diphousetara
•    dipamflete
•    maqhetswana a tlhahisoleseding
•    ditaba tse ngotsweng ho www.info.gov.za
•    ditaba tse ngotsweng ho www.thusong.gov.za
•    ditaba tse ngotsweng ho www.sanews.gov.za.

5.3 MEHATO YA HO ETSA KOPO

a.    Ho dumella kapa ho hanela kopo
Moikopedi o tlamehile ho fuwa monyetla wa ho fihlella rekoto ya boemedi ba setjhaba haeba:
•    moikopedi o ikamahanya le mehato kaofela ya tsamaiso e teng Molaong e amanang le kopo ya ho fihlella rekoto eo
•    ha ho hananwe le ho fihlella rekoto ka mabaka afe kapa afe a boletsweng Molaong ona.

b.    Na o ka fihlella rekoto jwang
•    Moikopedi o tlamehile ho sebedisa foromo (Foromo A) e ileng ya phatlalatswa Koranteng ya Mmuso, Tsebiso ya Mmuso ya R187 ya la 15 Hlakola 2002.
•    Moikopedi o tlamehile ho boela a hlakisa haeba a lakatsa ho fumana khopi ya rekoto kapa haeba a batla ho hlahlobela rekoto eo diofising tsa GCIS. Ka lehlakoreng le leng, haeba rekoto eo e se tokomane ya pampiri, e ka nna ya lekolwa ka mokgwa oo kopo e entsweng ka ona haeba ho kgonehang.
•    Haeba moikopedi o etsa kopo ya ho fihlella rekoto ka mokgwa o itseng (mohlala, khopi ya pampiri, khopi ya eleketeroniki, jwalojwalo) motho eo o lokela ho fumana phihlello ka mokgwa oo. Sena se tla etsahala ha fela se sa sitisane le tsamaiso ya boemedi ba setjhaba bo amehang le teng ka mabaka a utlwahalang kapa ha seo se tla senya rekoto eo kapa se hatikela molao wa kgatiso wa direkoto tseo e seng tsa mmuso. Haeba ho sa kgonahale ho dumellwa ka mabaka a utlwahalang ho fihlella rekoto mokgweng oo empa e ka fumaneha ka mokgwa o mong, ka tsela e jwalo ho tlamehile ho kopanngwe ditjeo ho latela tsela eo moikopedi a kopileng ka teng pele.
•    Haeba, ho tlatseletsa karabong eo ba e ngoletsweng bakeng sa rekoto, moikopedi o batla ho tsebiswa ka qeto e fihletsweng ka tsela e nngwe hape, mohlala, ka mohala, sena se tlamehile ho hlakiswa.
•    Haeba moikopedi o kopa tlhahisoleseding boemong ba motho e mong, o tlamehile ho hlakisa maemo ao a etsang kopo ka ona.
•    Haeba moikopedi a sa kgone ho bala kapa ho ngola kapa a na le boqhwala, ha ho le jwalo, kopo ya rekoto e ka etswa ka molomo. Moofisiri wa tlhahisoleseding o tlamehile ho tlatsa foromo boemong ba mokopi ka jwalo mme a mo fe khopi ya foromo e tlatsitsweng.

c.    Ditjeo tse lefuwang bakeng sa kopo le ho tsebiswa ka qeto ya ho fihlella
•    Moikopedi ya batlang ho fihlella rekoto e tshwereng tlhahisoleseding e hlahisang dintlha ka moikopedi ka boyena ha ho hlokehe ho lefa ditjeo. Baikopedi ba bang ba tlamehile ho lefa ditjeo tsa kopo e leng R35.
•    Moofisiri wa Tlhahisoleseding o tlamehile ho tsebisa moikopedi (ntle le moikopedi ya iketsetsang kopo ka boyena) ka tsebiso moo ho hlokehang hore moikopedi hore a lefe ditjeo tse batlehang (haeba di hlokeha) hammoho le tjhelete ya peheletso (haebe e hlokeha) pele ho ka tswelwa pele ho sebetsanwa le kopo.
•    Moikopedi a ka nna a tlisa boipiletso ba ka hare, moo ho tshwanetseng kapa a etsa kopo lekgotleng la dinyewe kgahlano le tefelo kapa tefo ya tjhelete ya kopo.
•    Kamora hore Moofisiri wa Tlhahisoleseding a etse qeto ka kopo eo, moikopedi o tlamehile ho tsebiswa ka qeto eo e jwalo ka tsela eo moikopedi a batlileng ho tsebiswa ka yona.
•    Haeba moikopedi a dumeletswe ho tswela pele; ho tlamehile ho lefuwe ditjeo bakeng sa ho hatisa botjha hammoho le ho batlana le ho hlophisa tokomane ha ho tlotswe dihora tse behilweng bakeng sa ho batlana le ho hlophisa rekoto ya ho phahlolla ya dintlha.
•    Phihlello ya rekoto e tla tshwarwa ho fihlela ho lefuwa ditjeo tsohle tse tshwanetseng.

6 DIPHEKO TSE FUMANEHANG MOLAONG KAPA TSE MABAPI LE HO HLOLEHA HO SEBETSA

Mehato e latelang e ntse e tswela pele ho sebetsa bakeng sa batho hore ba behe kapa ho phekola diketso tsa ditshebetso tse bohlaswa, tse fosahetseng kapa tse seng molaong kapa tse hlokomolohang tse etswang ke GCIS kapa basebeletsi bafe kapa bafe ba yona:

 a.    Mehato e latelwang ha ho behwa kapa ho phekolwa

·         Dipheko mabapi le diketso kapa ho hloleha ho sebetsa ka molao ho latela Molao wa Ntshetsopele wa Phihlello ya Tlhahisoleseding, PAIA, 2000: Bookamedi ba Boipelaetso ba ka hare mabapi le Molao ona ke Letona. Kamora ho sebedisa metjha ya kalafo ya boipelaetso ya ka hare, ho ka nna ha etswa kopo lekgotleng la dinyewe (dikarolo tsa 78 - 82).

·        Mohiruwa Tshebeletsong ya Setjhaba a ka nna a hlahisa boipelaetso kapa tletlebo bakeng sa diphuphutso tse tla etswa ke Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba e mabapi le ketso kapa phoso ya ofisiri (Karolo ya 35 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba, 1994 [Molao wa 103 wa 1994]).

·        Motho a ka nna a sebedisa dikalafo tsa mosebetsing mabapi le diketso kapa diphoso tsa ofisiri tseo tlhaho ya tsona e leng ya mosebetsing, tse bitswang, ditokelo tsa ho rarolla tseko mosebetsing (Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba, 1994 le Molao wa Dikamano Mosebetsing, 1995 [Molao wa 66 wa 1995]).

·    Motho a ka nna a hlahisa tletlebo ya hae ho mohlahlobi wa mosebetsing mabapi le seo ho thweng ke tlolo efe kapa efe ya molao e teng Molaong wa Maemo a Motheo Mosebetsing, 1997 (Molao wa 75 wa 1997) (Karolo ya 78(1)(a)), kapa Molao wa Tekano Mosebetsing, 1998 (Molao wa 55 wa 1998) - Karolo ya 34(e)).

·        Motho a ka nna a hlahisa tletlebo ya hae ho Mosireletsi wa Setjhaba mabapi le ketso kapa phoso eo ho thweng ha e molaong ya ofisiri (jwaloka ha ho hlakisitswe Molaong wa Motheo hammoho le Molaong wa Mosireletsi wa Setjhaba, 1994 [Molao wa 23 wa 1994]).

·         Motho a ka nna a hlahisa tletlebo ho SAHRC mabapi le ketso kapa phoso eo ho thweng ha e molaong eo ho belaelwang hore ke tlolo ya molao kapa e le matshosetsi a tokelo efe kapa efe ya bohlokwa (Molao wa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho, 1994 [Molao wa 54 wa 1994]).

·         Ha motho a tla sireletswa boiphetetsong ka hobane a ile a phahlolla makunutu mabapi le boitshwaro bo seng molaong ba beng ba mesebetsi kapa mosebetsimmoho, motho eo ho buwang ka yena a ka latela mehato ya ho phahlolla makunutu Molaong wa Tshireletso ho Phahlolleng Makunutu wa 2000 (Molao wa 26 wa 2000).

·         Motho a ka sebedisa dikalafo tse ding tsa molao tse jwaloka setheho sa tsamaiso ya molao bakeng sa ho lekola botjha ditaba tsa toka mabapi le diketso taolong ho latela Molao wa Ntshetsopele Tsamaisong ya Toka wa 2000 (Molao wa 3 wa 2000).

b.    Dikalafo tse ding tse tshehetsang

·         Motho a ka kopa ho hlakisetswa mabaka bakeng sa diketso tsa tsamaiso ho latela Molao wa Ntshetsopele Tsamaisong ya Toka wa 2000 (Karolo ya 5).

·         Motho a ka etsa kopo ya ho fihlella direkoto tsa lefapha la mmuso kapa boemedi bofe kapa bofe ba setjhaba ho latela Molao wa Ntshetsopele ya ho Fihlella Tlhahisoleseding wa 2000 (Karolo ya 11).

 c.    Boikarabelo ba ho beha

·         Mohiruwa wa tshebeletso ya setjhaba, nakong eo a ntseng a etsa mesebetsi ya hae ka molao; o na le boikarabelo ba ho beha boemeding bo tshwanetseng ho latela Khoutu ya Boitshwaro Tshebeletsong ya Setjhaba diketso tsa bothetsi, bobodu, ho hira ka leeme le setswalle, tsamaiso e sa lokang hammoho le ketso efe kapa efe e thehang le ho bonwa e le tlolo ya molao kapa e bontshang leeme ditabatabelong tsa setjhaba. Mohiruwa ya hlolehang ho ikamahanya le sena o molato wa boitshwaro bo bobe. (Molawana wa B.3 le C.4.10 wa Kgaolo ya 2 ya Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba, 2001)

·     Boikarabelo ba mohiri le mohiruwa e mong le e mong ba ho phahlolla botlokotsebe hape le boitshwaro bofe kapa bofe bo sa lokang mosebetsing bo kenyeleditswe le ho tshehetswa ke Molao wa Ho Phahlolla Makunutu wa 2000 (Selelekeleng).

 

 

DITEFELLO TSE HLAKISITSWENG BAKENG SA MEKGATLO YA SETJHABA

KAROLO YA II YA TSEBISO YA 187 KORANTENG YA MMUSO KA LA 15 HLAKOLA 2002

 

1.

Tefo bakeng sa khopi ya tataiso jwaloka ha ho hlakisitswe molawaneng wa 5 (c) ke R0,60 bakeng sa kgatiso ya khopi e nngwe le e nngwe ya leqephe la A4 kapa karolo ya lona.

 

2.

Ditefo bakeng sa khopi ya kgatiso e boletsweng molawaneng wa 7 (1) di ka tsela e latelang:

a) bakeng sa kgatiso ya khopi e nngwe le e nngwe ya leqephe la A4 kapa karolo ya lona

b) bakeng sa kgatiso ya khopi e nngwe le e nngwe ya leqephe la A4 kapa karolo ya lona e bolokilweng khomphyutheng kapa ka mokgwa o balehang ka motjhini

c) bakeng sa khopi ka mokgwa o balehang ka khomphyutha:

                (i) disiki ya kgatiso e kgolo

d)            (i) bakeng sa khopi ya kgatiso ya ditshwantsho tsa pontsho, bakeng sa                 leqephe la A4 kapa karolo ya lona

                (ii) bakeng sa khopi ya ditshwantsho tsa pontsho

e)            (i) bakeng sa khopi ya kgatiso ya modumo o rekotuweng, bakeng sa                 leqephe la A4 kapa karolo ya lona

                (ii) bakeng sa khopi ya rekoto ya modumo.

 

 

R0,60

 

R0,40

 

 

R40,00

R22,00

 

R60,00

R12,00

 

R17,00

3.

Tefo ya kopo e lefuwang ke mokopi e mong le e mong, ntle le mokopi ka boyena, e boletsweng molawaneng wa 7(2) ke

 

R35,00

4.

Ditefo tsa ho fihlella tse lefuwang ke moikopedi tse boletsweng Molawaneng wa 7(3) di ka tsela e latelang:

1)      a. bakeng sa kgatiso ya khopi e nngwe le e nngwe ya leqephe la A4 kapa           karolo ya lona

b. bakeng sa kgatiso ya khopi e nngwe le e nngwe ya leqephe la A4 kapa karolo ya lona e bolokilweng khomphyutheng kapa ka mokgwa o balehang ka motjhini

c. bakeng sa khopi ka mokgwa o balehang ka khomphyutha:

        (i) disiki ya kgatiso e kgolo

d.    (i) bakeng sa khopi ya kgatiso ya ditshwantsho tsa pontsho, bakeng sa     leqephe la A4 kapa karolo ya lona

        (ii) bakeng sa khopi ya ditshwantsho tsa pontsho

e.    (i) bakeng sa khopi ya kgatiso ya modumo o rekotuweng, bakeng sa     leqephe la A4 kapa karolo ya lona

        (ii) bakeng sa khopi ya rekoto ya modumo

f. Ho fuputsa le ho hlophisa rekoto hore e phatlalatswe, R15,00 bakeng sa hora e nngwe le e nngwe, ho sa kenyeletswe hora ya pele e hlokehang bakeng sa phuphutso le tlhophiso ka nako le mabaka a utlwahalang.

2) Bakeng sa sepheo sa karolo ya 22 (2) ya Molao, dintlha tse latelang di tla        sebetsa:

a. dihora tse tsheletseng e le dihora tse ka fetwang pele ho ka lefuwa tjhelete ya peheletso

b. bonngwe borarong ba tefo ya ho fihlella e lefuwe e le tjhelete ya peheletso ke moikopedi.

3) Tjhelete ya ho posa e lefuwang ha khopi ya rekoto e tlamehile ho romelwa ho        moikopedi.

 

 

R0,60

 

R0,40

 

 

 

R40,00

R22,00

 

R60,00

R12,00

 

R17,00

5.    DIFOROMO TSE HLAKISITSWENG BAKENG SA HO FIHLELLA DIREKOTO TSA MOKGATLO WA SETJHABA

DIHLOMATHISO TSA B TSA TSEBISO YA 187 KORANTENG YA MMUSO KA LA 15 HLAKOLA 2002

FOROMO YA A
KOPO BAKENG SA HO FIHLELLA DIREKOTO TSA MOKGATLO WA SETJHABA
Karolo ya 18(1) ya PAIA, 2000
[Molawana wa 2]

BAKENG SA TSHEBEDISO KE GCIS

Nomoro ya Bopaki:

Kopo e amohetswe ke:                                                                                                                                                

Kopo e amohetswe ka la:                                                                                                                                            

Nomoro ya bopaki (haeba e le teng):                                                                                                     

Tefo ya Kopo (haeba e le teng):R                                                                                                             

Tefo ya Peheletso (haeba e le teng): R                                                                                                  

Tefo ya Phihlello: R                                                                                                                                         

Qeto:                                                                                                                                                                   

                                                                                                                                                                               

                                                                                                                                                                               

 

 

                                                                                                                                               

TSHAENELO KA OFISIRI YA TLHAHISOLESEDING/MOTLATSI WA OFISIRI YA TLHAHISOLESEDING

A. Dintlha ka botlalo tsa boemedi ba setjhaba
Ofisiri ya Tlhahisoleseding/ Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding:
B. Dintlha ka botlalo tsa motho ya kopang ho fihlella rekoto

(a) Dintlha ka botlalo tsa motho ya etsang kopo ya ho fihlella rekoto di tlamehile ho ngolwa ka fatshe mona.

(b) Ho tlamehile ho fanwe ka aterese le/kapa nomoro ya fekese ya Aforika Borwa moo tlhahisoleseding e tlamehileng ho romelwa teng.

(c) Ho tlamehile ho hokelwe bopaki ba boemo ba mabaka ao kopo e etswang ka bona, haeba ho hlokeha.

Mabitso ka botlalo le sefane:                                    
                                               
Nomoro ya boitsebiso:                                        
Aterese ya Poso:                                        
                                               
Nomoro ya fekese:                                        
Nomoro ya mohala:                                        
Aterese ya imeile:                                        
Boemo boo kopo e etswang ka bona, ha e etswa boemong ba motho e mong:

C. Dintlha tsa motho eo kopo e etswang boemong ba hae                                               

Karolo ena e tlamehile ho tlatswa haeba fela kopo ya tsebiso e etswa boemong ba motho e mong.

Mabitso ka botlalo le sefane:                                    
Nomoro ya boitsebiso:                                        
D. Dintlha ka botlalo tsa rekoto

(a) Fana ka dintlha ka botlalo tsa rekoto eo o kopang ho e fihlella, ho kenyeletsa nomoro ya bopaki haeba o e tseba hore e shebuwe moo e leng teng.

(b) Haeba sebaka seo ho fanweng ka sona se sa lekane, ka kopo tswela pele ka leqhepheng le ka thoko mme o le hokele foromong ena. Mokopi o tlamehile ho saena maqephe ohle a tlatsetso.

1. Tlhaloso ya rekoto kapa karolo e nepahetseng ya rekoto:                    
                                           
                                           
                                           
                                           
                                           
2. Nomoro ya bopaki, haeba e le teng:                            
3. Dintlha dife kapa dife tse ding tsa rekoto:                            
                                           
                                           
                                             

 

E. Ditjeo

 

(a) Ho tla sebetsanwa le kopo ya ho fihlella rekoto ntle le rekoto e tshwereng ditsebiso tsa motho ka boyena hang fela kamora ho lefa tefo ya kopo.

(b) O tla tsebiswa ka tjhelete e hlokehang ho lefuwa e le tefo ya kopo.

(c) Tefo e lefuwang bakeng sa ho fihlella rekoto e tswa ka hore na rekoto e batlwa ho fihlellwa ka mokgwa o jwang hape le nako e utlwahalang ebile e hlokehang ho fuputsa le ho hlophisa rekoto eo.

(d) Haeba o tshwanelwa ke ho se lefe tefo efe kapa efe, ka kopo hlalosa mabaka a ho se lefiswe/qhelelwa ka thoko.

Lebaka la ho se lefiswe:                        
                                           
                                           
                                           
                                           
F. Mokgwa wa ho fihlella rekoto
Haeba o thibelwa ke boqhwala mme ha o kgone ho bala, ho sheba kapa ho mamela rekoto ka mokgwa oo o kopileng ho fihlella rekoto ka ona o hlakisitsweng ka fatshe ho 1 ho fihlela ho 4 mona, bolela boqhwala ba hao mme o hlakise hore na o hloka rekoto ka mokgwa ofe.

 

Boqhwala:                                                          

                                                                               

                                                                               

Mokgwa oo rekoto e hlokwang ka ona:

                                                                               

                                                                               

Tshwaya lebokose le nepahetseng ka X.

DINTLHA TSA BOHLOKWA:

(a) Kopo ya hao ya ho fihlella rekoto ka mokgwa o hlakisitsweng e ka nna ya laelwa ke hore na rekoto eo yona e ka mokgwa ofe.

(b) Ho ka nna ha hanelwa hore rekoto e fihlellwe ka mokgwa oo tlasa mabaka a itseng. Ha ho le jwalo, o tla tsebiswa haeba o tla dumellwa ho e fihlella ka mokgwa o mong.

(c) Tefo e lefuwang bakeng sa ho fihlella rekoto, haeba e le teng, e tla lekolwa ka hore na rekoto eo e kopuweng e batla ho fihlellwa jwang.

1. Haeba rekoto e ka mokgwa o ngotsweng kapa o hatisitsweng:

 

Khopi ya rekoto*

 

Tlhahlobo ya rekoto

2. Haeba rekoto e na le ditshwantsho

(Tsena di kenyeletsa ditshwantsho, diselaetse, dikgatiso tsa video, ditshwantsho tse fehluweng ka khomphyutha , ditshwantsho tsa botaki, jwalojwalo):

 

Sheba ditshwantsho

 

khopi ya ditshwantsho*

 

Tlhaloso ya kgatiso ya ditshwantsho*

3. Haeba rekoto e na le mantswe a rekotuweng kapa tlhahisoleseding e ka nnang ya boela ya hatiswa ka modumo:

 

Mamela modumo wa mmino (CD)

 

Tlhaloso ya kgatiso ya modumo wa mmino*

(Tokomane e ngotsweng kapa e hatisitsweng)

4. Haeba rekoto e tshwerwe khomphyutheng kapa ka eleketeroniki kapa mokgwa ofe kapa ofe o balwang ka motjhini:

 

Khopi ya rekoto e hatisitsweng*

 

Khopi e hatisitsweng ya tlhahisoleseding e fumanweng rekotong*

 

Khopi ya khomphyutha ka mokgwa o balehang*

(CD)

*Haeba o kopile khopi kapa tlhaloso ya kgatiso ya rekoto (ka hodimo), na o lakatsa hore khopi kapa tlhaloso ya kgatiso e romelwe ho wena?

Tjhelete ya thomello ka poso e lefuwang.

E

TJHE

Ela hloko hore haeba rekoto e sa fumanehe ka puo eo o ratang ho e fihlella ka yona, o tla dumella ho e fihlella ka puo eo rekoto e fumanehang ka yona.

Na o lakatsa ho fihlella rekoto ka puo efe?

G. Tsebiso ka qeto e fihleletsweng mabapi le kopo ya ho fihlella rekoto

O tla tsebiswa ka ho ngollwa hore na kopo ya hao e amohetswe/hanetswe. Haeba o lakatsa ho tsebiswa ka mokgwa o mong, ka kopo, totobatsa mokgwa oo mme o fane ka dintlha tse hlokehang ho thusa hore ho ikamahangwe le kopo ya hao.

Na o lakatsa ho tsebiswa jwang ka qeto mabapi le kopo ya hao ya ho fihlella rekoto?                                            
E saenetswe [mohla].                            

                                   
TSHAENELO KA MOIKOPEDI/MOTHO EO KOPO E ETSWANG BOEMONG BA HAE
Bukanatataiso e saenetswe le ho ananelwa ke Motlatsi wa Ofisiri wa Tlhahisoleseding wa GCIS, Monghadi Keitumetse Semakane.

___________________________________
Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding: GCIS
Monghadi Keitumetse S. Semakane
LETSATSI:

top